Skip to main content Accessibility help
×
Hostname: page-component-848d4c4894-ndmmz Total loading time: 0 Render date: 2024-06-04T05:33:57.906Z Has data issue: false hasContentIssue false

Lebala la Bobedi

Published online by Cambridge University Press:  20 January 2022

Get access

Summary

Monyohe, Maswabi le Masilo ba dutse ba qoqa ka ntle.

Monyohe: Ke bone morena hona jwale ha ke etla kwano.

Ke makaditswe ke sefahleho sa hae. Se ntshositse ka nnete.

Masilo: Tjhe, ha eba o bolela hoo ke ho tshwaileng maobane, ke a dumela.

Monyohe: O boneng, Masilo?

Masilo: Ke tshwaile hore sefahlehong sa hae e se eka motho ya hodileng haholo. Ke ntho e neng e ntse e le siyo kgweding tse fetileng.

Maswabi: Ke nnete ha ho thwe motho hlooho e ka ba putswa ka bosiu bo le bong ha feela a le hara mathata. Le morena o hara mathata a maholo, jwalo ka ha le lona le tseba.

Masilo: Taba ena ya thero e ntse e hola, ke a bona. Ke kopane le mosadimoholo e mong a halefile haholo. Ha ke mo botsa molato a ba a sitwa ho araba ke kgalefo. O re Hlabakwane o ne a bua le basadi a leka ho ba kenya moya o mobe hore ba be ka hlakoreng la dira tsa morena.

Monyohe: Ha se hara basadi feela moo dira di jalang moya oo. Le hara banna. Maobane ke ne ke sebelwa ke monna e mong se neng se buuwa ke Marailane ho bona.

Maswabi: Kotsi e kgolo e shebaneng le morena.

Masilo: Na ha a e bone? Kapa o tshohile?

Maswabi: O a e tseba. Ke se ke ile ka mo eletsa hore a ye le dingakeng di laole, mme kaofela di bua ntho e le nngwe.

Masilo: Ao! Di ne di ke ke tsa tlohela ho mmolella hore o a kunutwa, di hlola di utlwa batho ba kang boBulane ba phofaka mona. Empa jwale ha a tiye, a lwane jwalo ka monna, kapa o boi?

Monyohe: Wena Masilo o a be o ntse o bua jwalo ka motho ya theohang hodimo keng? A ka lwantsha kgodumodumo a e hlola a tla tshaba mafeela aa?

Maswabi: Tjhe, ha se boi. Kotsi e shebaneng le yena ke e fetang ya kgodumodumo.

Masilo: Le letho! Ha ho bile ha ho kotsi e ka fetang eno!

Maswabi: Ke yona ena he. Ho lehlohonolo ya etsang seo a tsebang hore se nepahetse, hobane o tseba ho se etsa a matlafetse le ho feta ho tloha qalong ya mosebetsi wa hae.

Type
Chapter
Information
Senkatana , pp. 70 - 74
Publisher: Wits University Press
Print publication year: 1952

Access options

Get access to the full version of this content by using one of the access options below. (Log in options will check for institutional or personal access. Content may require purchase if you do not have access.)

Save book to Kindle

To save this book to your Kindle, first ensure coreplatform@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.

Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.

Find out more about the Kindle Personal Document Service.

Available formats
×

Save book to Dropbox

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.

Available formats
×

Save book to Google Drive

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.

Available formats
×