Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Maswabi, Monyohe, le Masilo, tsatsing le hlahlamang. Masilo o paqame ka mpa pela nkgwana ya jwala. Monyohe o dutse pela hae. Maswabi o dutse thokonyana o itshetlehile ka lebota. Ba a qoqa.
Masilo: O reng morena wa hao, Maswabi?
Maswabi: Wena ha se wa hao na? Kapa le wena o se o kene hlopheng sela se seng?
Masilo: Tjhe bo, le nna e ntse e le wa ka. Ke re ke wa hao hobane wena le yena le batla le utlwisisana hantle.
Maswabi: Wena ha o mo utlwisise, Masilo?
Masilo: Ha o bua o le ka pele ho nna, o hlalosa boikemiso ba hao, ke ye ke utlwe ke utlwisisa hantle. Empa ha ke se ke le mong, ke leka ho ikgopotsa hore na o ne o ntse o reng, ke ye ke fumane ho se ho re tsho feela. Le ha morena a bua ho jwalo feela. Nna ke ye ke re ka pelo: ‘Ngwana batho, itholele. Tsena ditaba ke tsa batho, e seng bathwana!’
(Monyohe o a tsheha)
Maswabi: Ha o motho, wena Masilo?
Masilo: Pela ntsu le lenong, na motintinyane o ka re ke nonyana?
Maswabi: O a tseba motintinyane o ne o hlole, wa hapa borena?
Masilo: E, empa wa busa mang ha le sephooko se ne be sa behwa hore se o dise? Lona le bolenong, bontsu, le fofa hodimodimo kwana meyeng e batang, moo le bonang dintho di sa le holehole. Rona diphuleng le dithoteng moo, re bonang?
Maswabi: O mpa o inyefola feela. Ke a tseba o rata ho phoqa haholo.
Monyohe: Tjhe, kajeno o buile nnete feela. Tsa lona le morena batho ba bangata ha ba di utlwisise hantle. Ba bangata ba tseba hore le nahana botle le toka feela mme ba a le tshepa. Empa ba bang, ba reng ba a le utlwisisa le ha ba sa dumellane le lona, nna ke ye ke bone hore ba mpa ba qala mashano feela ruri hobane ha le hlalosa, motho ofe le ofe ya le mametseng, o dumellana le lona.
Maswabi: Empa na le a tseba hore ha ke dumellane le morena nthong tsohle?
Masilo: Ke qala le ho utlwa, nna. O ne o ntse o tseba tseo Monyohe?
To save this book to your Kindle, first ensure no-reply@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.
Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.
Find out more about the Kindle Personal Document Service.
To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.
To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.