Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Ho kena diboni tse pedi hape.
Seboni: Senkatana le mmae ba ile leetong la bona.
Mmae o ile meokgo e sekile mahlong
ke lerato leo a ratang mora ka lona.
O ile a tletse thapelo ka pelong ya hae. Ha e le Senkatana yena o ile a thabile, sefahleho sa hae se edile, a le kgotso. Tse ding difahleho di ela hona kotsing, hona moo lefu le leng teng, ha feela di tseba hore ba bangata ba tla lopollwa hona kotsing eo.
Moboni: O ile, o hlabane; o hlotse, o pholositse.
Ka hohle ke modumo, ke marata a nyakallo, Ka hohle medumo e rorisa lebitso,
lebitso la ya ba lopolotseng. Ka hohle maleme a a rorisa. Ka hohle ho utlwahala dithoko.
Ho rokwa Senkatana molopolli. Ke thabo, ke kgotso, ke nyakallo.
Seboni: Ho lehlohonolo ya itellang ba habo; Ya behang bophelo ba hae kotsing
hore ba tswe matshwenyehong a bona. Ya sitwang
ho dula a kgotsofetse
ha ba habo ba le tlokotsing.
Eo thabo ya hae e leng ho thusa ba habo. Ya itokiseditseng ho ba sebeletsa ka mehla.
Ya jwalo ke yena ya tsebang seo a se phelelang. Ke eo bophelo ha hae bo nang le thuso.
Ya phelelang ba bang ke yena ya tla phela. Ya iphelelang ke yena ya tla shwa.
Moboni: Ho madimabe ya phelelang ba bang;
Ya ba sebeletsang, ya ba lopollang matshwenyehong.
Ke yena ya tla jara mathata a bona;
Mathata ao a ba lopollotseng ho ona.
Ke yena eo ba tla mo hloyela setumo sa hae: Hona hobane a ba lopolotse —
Ke yona teboho eo ba tla mo nehang yona.
To save this book to your Kindle, first ensure no-reply@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.
Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.
Find out more about the Kindle Personal Document Service.
To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.
To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.