Published online by Cambridge University Press: 20 January 2022
Senkatana o dutse a le mong ka tlung. O iname, o shebile ka pele ho yena, o a nahana. Ha a bone leha Maswabi a kena. O tshohela hodimo ha a utlwa Maswabi a se a bua.
Maswabi: Kgotso, ntate!
Senkatana: Pee, athe ke wena, Maswabi? Ha ke a utlwa le ha o kena.
Maswabi: Ba ratang ho o bolaya ba tla o bolaya habonolo, ke ntse ke bona.
Senkatana: E tla be e le wa bona molato oo, e seng wa ka. Ke thabile ha e le mona o tlile. Matsatsing ana ha ke sa o bone, e ye e ke nka romela hore o tle. Ke lebala mathata a ka ha ke ena le wena.
Maswabi: Hobaneng ha o ena le nna?
Senkatana: Hobane wena o utlwisisa seo ke se buang ho feta batho ba bang.
Maswabi: Empa o a tseba hore ha ke dumellane le wena, morena!
Senkatana: Ke a tseba. Ke tseba le moo ditsela tsa rona di arohanang teng. Di arohana pheletsong ya ditaba. Ha nna ke hana ho otlwa ha batho ba etsa bokgopo, wena o batla ho finyella ho bona ka phafa.
Maswabi: Ke nnete. Morena, lefatshe le sehloho mme le baahi ba lona ba jwalo feela. Le batla ho buswa ka phafa ha batho ba tlola melao, ba o sitelwa, ho seng jwalo …
Senkatana: Wena o a be se o qadile hape. Ha ke batle hore re phehe kgang matsatsing ana. Ho na le motho ya tlang. Ekaba ke mang?
(Ho kena Bulane)
O, athe ke wena, wa moreneng?
Bulane:
(O shebeha e le motho ya kgathetseng, ya kgathatsehileng. Matjato a hae a mehleng ya pele a fedile):
Kgotso, ntate! Kgotso, Maswabi!
Senkatana: Kgotso, wa heso! O tla le dife?
Maswabi: Kgotso, Bulane. O sa phela?
Bulane: Ke sa le teng ka nnete.
(O a thalathala, a thetha sekgohlela a nto re)
Morena, ke tseba ditaba tse bohloko tse ileng tsa o hlahela. Ke mohau haholo ha e le moo di etsahetse. Ke lla le wena. Ke re o mpe o tshedisehe, hobane ke moo re yang teng kaofela; nna le wena, mang le mang; e ka ba kajeno, e ka ba hosasa.
To save this book to your Kindle, first ensure no-reply@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.
Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.
Find out more about the Kindle Personal Document Service.
To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.
To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.