Skip to main content Accessibility help
×
Hostname: page-component-848d4c4894-ttngx Total loading time: 0 Render date: 2024-06-13T02:02:45.852Z Has data issue: false hasContentIssue false

Lebala la Pele

Published online by Cambridge University Press:  20 January 2022

Get access

Summary

Hara sebaka ho na le sefate se nang le makala. Tlasa sefate sena ha lesela le nyollwa ho bonahala Senkatana a robetse. Pela hae ke koto le kobo. Ka mora motsotsonyana o phahamisa hlooho, o a dula, o pikitla mahlo mme o sheba hole, o a bososela.

Senkatana: Tsatsi le leng le le leng le fetang, motsotso o mong le o mong o fetang, ekare o ntse o totisa botle ba tsohle.

Ke robetse ke kgathetse, ke sa bone letho. Ke tsoha ke le morolo, ke bona.

Mahlo a ka a bulehile, ke bona ho feta.

Ke tsoha ke bona botala bo se nang phello. Ke bona dithaba tse entseng leqhubu le le leng, tse nyolohelang lehodimong jwalo ka difate.

Ke maqharanqha ka hohle. Ke diqubuqubu.

Hlorong tsa tsona ka hohle ke didiba, ke metsi;

Metsi a benyang letsatsing, a phatsimang, a ntseng a benya, eka a a hoa, a mema mahlo hore a bone botle ba ona le ba dithaba.

Dithoteng ke jwang, ke dimela tse tala, botala bo kgathollang mahlo a tepeletseng. Diphuleng e sa le bona jwang, e sa le dimela. Mabopong a dinoka, dinokana le melapo metsi a ntse a hwasa jwalo ka hoja a bitsa, a bitsa ditsebe hore di mamele pina, pina eo di e binang, kodi-a-malla, pina e se nang qalo le qetello!

A botle bo hlollang! Botle bo sa feleng!

A ke nna feela ya bitswang ke tseo ke di bonang, ya bitswang ke tseo ke di utlwang?

Botle bo bokaale ha se mpho ya a le mong. Ya leng mong a ke ke a thaba ka mehla. Bo ka tlala pelo ya hae, ba e phatlola,

a ba mahlomoleng. Ke botle ba bohle!

(O tiisa sefahleho)

Empa bohle ba kae! A kae a mang mahlo a ka bohisanang le a ka botle bona?

Di kae tse ding difahleho tse ka bososelang, di bososela di bona seo ke se bonang?

A sehloho se re wetseng hodima rona bohle! A bomadimabe bo se nang ho lekanngwa!

Bomadimabe bo re arohantseng! Bongata bo ka mpeng ya sebata. Bongata bo lefifing le tshabehang, moo mahlo ho seng seo a ka se bonang, moo ho bonahalang lefifi feela;

Type
Chapter
Information
Senkatana , pp. 4 - 6
Publisher: Wits University Press
Print publication year: 1952

Access options

Get access to the full version of this content by using one of the access options below. (Log in options will check for institutional or personal access. Content may require purchase if you do not have access.)

Save book to Kindle

To save this book to your Kindle, first ensure coreplatform@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.

Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.

Find out more about the Kindle Personal Document Service.

Available formats
×

Save book to Dropbox

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.

Available formats
×

Save book to Google Drive

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.

Available formats
×