Skip to main content Accessibility help
×
Hostname: page-component-848d4c4894-ndmmz Total loading time: 0 Render date: 2024-05-16T12:01:43.834Z Has data issue: false hasContentIssue false

Lebala la Bobedi

Published online by Cambridge University Press:  20 January 2022

Get access

Summary

Ka tlung. Motsheo ho ntlo, pela lebota le shebaneng le batho, ho na le nkgonyana ya metsi mme mohope o bonahala ka hodimo. Pela nkgo ke dijana tse seng kae tsa letsopa. Hara ntlo, empa haufi le nkgo, ho bonahala leifo mme pela lona ke kutu ya setulo seo Senkatana a dutseng hodima sona, nkgo e le ka letsohong le letshehadi. Malebana le yena, empa ka nnqane ho leifo, ho adilwe moseme fatshe. Ho kena Mmaditaolane mmae, mme o dula mosemeng. Senkatana jwale o apere kobo.

Mmaditaolane: Dumela hle, ngwanaka, o kene neng ka tlung? Ke kgale ke o lebelletse. Ke ne ke se ke bile ke maketse hore na o lebile kae kajeno. Ha o mpona ke kena tjena ke se ketswa hlwela ka mafikeng ka mona hore esebe o hlahetswe ke kotsi.

Senkatana: Kotsi ke ha e le ya eng mme? O mpa o ipolaisa letswalo feelafeela tjena. Nka jewa keng?

Mmaditaolane: O buiswa ke ho se tsebe, ngwanaka. Lefatsheng lena le tletseng dikotsi ka hohle, moo re itsamaelang hodima mabitla ka dinako tsohle, moo re teetsweng hare ke nyakallo le maswabi ka mehla, o ka boela wa botsa hore na o ka jewa keng? Ke ho se tsebe, ngwanaka.

Senkatana: Na ke hoo o ka bang wa ya nyarela mafikeng o mpatla?

Mmaditaolane: Ya nang le ntho ya bohlokwa, ntho e leng pelong ya hae, ya jwalo, ha a tsebe kgotso ha e se feela ha seo a se ratang se le pontsheng ya hae. Ha se le siyo pelo e balabala ho fihlela se fihla hape.

Senkatana: Matlakala a kang nna tjee le ona?

Mmaditaolane: Ngwanaka, moratuwa wa ka, seo o leng sona, pelong ya ka,

o ke ke wa se tseba le ka mohla, ha o sa tsebe tseo ke di boneng. Mahlomola ao ke phetseng ho ona! Ke ne ke setse ke le mong hara dithaba le maralla, hara dinoka, hara diphula le dithota. Ke ne ke setse ke shebane le botle ba tsona bo hlollang, kgotso ya tsona e tshosang le nyakallo ya tsona ya ka mehla. Boinotshing ba ka tsohle tsena di ne di ntshosa. Ke ne ke tshwana le kokwana pela matla a tsona, matla a ya di entseng.

Type
Chapter
Information
Senkatana , pp. 7 - 11
Publisher: Wits University Press
Print publication year: 1952

Access options

Get access to the full version of this content by using one of the access options below. (Log in options will check for institutional or personal access. Content may require purchase if you do not have access.)

Save book to Kindle

To save this book to your Kindle, first ensure coreplatform@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.

Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.

Find out more about the Kindle Personal Document Service.

Available formats
×

Save book to Dropbox

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.

Available formats
×

Save book to Google Drive

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.

Available formats
×