Skip to main content Accessibility help
×
Hostname: page-component-848d4c4894-ttngx Total loading time: 0 Render date: 2024-05-16T14:42:54.942Z Has data issue: false hasContentIssue false

Lebala la Boraro

Published online by Cambridge University Press:  20 January 2022

Get access

Summary

Lesela le a phahama mme ditokiso e sa le tsa lebala la bobedi. .Mmaditaolane o dutse fatshe mosemeng. Ha lesela le phahama o bonahala a shebile ka pele ho yena. Ka mora motsotswana o hlakola ka letsoho dikgapha tse mahlong. Mme ka mora moo o opa diatla jwalo ka motho ya maketseng mme o phutha matsoho sefubeng. Ka mora motsotsonyana o leka ho ema, empa o kgumama feela, matsoho a sa le fatshe, mme o a nahana. O boela o a dula mme o opa diatla jwalo ka pele. O a duladula, ho bonahala hore ke motho ya nahanang haholo taba e nngwe. O a ema mme o tsamatsamaya a leba monyako, empa a eso fihle, o a reteleha, jwalo ka hoja a lebetse ho hong. O a kgutla empa ho eso bonahale hantlentle moo a yang teng, o a ema, o opa matsoho hape mme o itshwara thekeng. O bua a hlomohile.

Mmaditaolane: Thabo e sa feleng ha se ya lena lefatshe. Tlokotsing eo ke neng ke le ho yona ke ne ke behile tshepo ya ka ho lesea lena, thabo ya ka e ne e le ho lona. Ho thusang ho beha tshepo nthong tsa lefatshe, tse fetohang jwalo ka lona? Thabo ya ka le yona e fetoha maswabi hape. Monate o fetile, bohloko bo fihlile. Mohlomong monate o tla tla hape, o latele bohloko jwalo ka pele. Na ekaba motho a ka hlola a phema bohloko fatsheng lena mme a phela nyakallong matsatsi ohle? Na bohloko bo tshwanetse ho latela monate ka mehla?

Ha ho nang. Ha ho kamoo nka mo thibang kateng.

O ikemiseditse ho phetha morero o pelong ya hae.

Hoja ha se morero wa nnete o tlotlisehang, nka be ke bua le yena. Empa ha motho a itokiseditse ho etsa se lokileng ha ho kamoo a ka thijwang kateng.

A ke ke a kgotsofala a eso phethe morero oo. Thuso keng ho phela le yena a sa kgotsofala? Le ha nna ke kgotsofetse, ke thaba ha ke mmona pela ka, ke tla sulafallwa ha ke bona maswabi mahlong a hae. A ka mpa a phetha morero wa hae, a itela mme a shwa a leka ho pholosa bohle le ho ipholosa.

Type
Chapter
Information
Senkatana , pp. 12 - 14
Publisher: Wits University Press
Print publication year: 1952

Access options

Get access to the full version of this content by using one of the access options below. (Log in options will check for institutional or personal access. Content may require purchase if you do not have access.)

Save book to Kindle

To save this book to your Kindle, first ensure coreplatform@cambridge.org is added to your Approved Personal Document E-mail List under your Personal Document Settings on the Manage Your Content and Devices page of your Amazon account. Then enter the ‘name’ part of your Kindle email address below. Find out more about saving to your Kindle.

Note you can select to save to either the @free.kindle.com or @kindle.com variations. ‘@free.kindle.com’ emails are free but can only be saved to your device when it is connected to wi-fi. ‘@kindle.com’ emails can be delivered even when you are not connected to wi-fi, but note that service fees apply.

Find out more about the Kindle Personal Document Service.

Available formats
×

Save book to Dropbox

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Dropbox.

Available formats
×

Save book to Google Drive

To save content items to your account, please confirm that you agree to abide by our usage policies. If this is the first time you use this feature, you will be asked to authorise Cambridge Core to connect with your account. Find out more about saving content to Google Drive.

Available formats
×